Boshodu ba mehlape ho tshela meedi ya Afrika Borwa le Lesotho ke ntho eo e leng kgale haholo e ntse e etsahala mme hona ho tsebahala hantle haholo. Tlaleho ena hangata e tsepamisa maikutlo hodima mofuta wa bonokwane bo etsahalang ho tshela meedi. Empa batho ba bang ba etsang boshodu bona ba mehlape lebatoweng ba hloka kelo hloko e lekanang. Hona ho kenyelletsa menyenyetsi ya ho ameha ha ditho tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS), mme hona ho be le sephetho sa ho hloleha ho fuputsa diketsahalo ka tsela e tsamayang hantle le ho ba le kabelo polokehong ya dibaka tsa mahaeng.
Ditahlehelo tsa mehlape di lekanyetswa palong e ka bang ka hodimo ho biliyone ya diranta selemo le selemo. Empa diphetho di feta tahlehelo ya ditjhelete. Diketsahalo tsa boshodu ba mehlape lebatoweng le ka botjhabela la provense ya Freistata e Afrika Borwa, le mabatoweng a meedi ya Lesotho, di bontsha diphetho tsena tsa bohlokwa.
Ka Mphalane 2020, monga polasi e leng Brendin Horner o ile a bolawa haufi le toropo ya Paul Roux, moo ho tlalehuweng hore o ne a qabana le mashodu a mehlape. Basebetsi ba polasing eo Horner a neng a sebetsa ho yona pejana ba ne ba kile ba hlaselwa ke mashodu a mehlape. Ka Pherekgong 2023, Evan Sorour wa Ficksburg, e leng toropo e nngwe e Freistata botjhabela, o ile a bolawa ha a ne a ngangisana le mohwebi ba mehlape ya neng a belaelwa hore o ameha boshodung ba mehlape.
Diketsahalo tsena di tlile ka mora ho ba balemirui ba lebatowa ba tswetse pele ho kopa mapolesa ho nka mehato kgahlanong le boshodu ba mehlape mme ba ba lemosa hore hona ho tla ba le sephetho sa tahleho ya maphelo. Ka 2019, balemirui ba ile ba romela tlaleho Bolaoding ba Diphuputso tsa Bonokwane bo ka Hodimodimo (di-Hawks) e leng e neng e kentse bopaki ba mekgatlo ya batho ba itlhophisitseng ka sepheo sa boshodu ba mehlape ba sebetsang mane Freistata botjhabela. Tlaleho e ne e kentse mabitso a babelaelwa, bao ba bang ba bona ba neng ba amahangwa le dinyewe tse ngata tse sa ntsaneng di emetse ho rarollwa tsa boshodu ba mehlape, le bopaki ba ho ameha ha mapolesa.
Bobodu ke bona bo hlahellang haholo bonokwaneng bo hlophisitsweng mme hantlentle bo kenyelletsa ho thusa diketsahalo tsa bonokwane hore dihlopha di kgone ho sebetsa ntle le kotlo. Le ha diketsahalo tse ding tsa boshodu di etswa ke boramenyetla kapa dihlopha, boshodu bo boholo haholo ba mehlape bo hloka boemo bo itseng ba tlhophiso – hangata ka thuso ya ba bang ba etsang bobodu.
Menyenyetsi e kgahlanong le mapolesa hangata e kenyelletsa ho iphapanyetsa ditlaleho tsa boshodu ba mehlape kapa ho hulanya maoto mabapi le ho arabela diketsahalong. Ho bakang bothata le ho feta ke ditlaleho tsa hore mapolesa a mang hangata a bonwa dibakeng le ka nako ya diketsahalo tsena mme ha ho ya tsebang hore ba batla eng moo. Ho tlalehuwe hape le hore mapolesa a ne a tshabisa dipaki ho thibela hore di se ke tsa fana ka bopaki diqosong.
Molemirui e mong o boletse hore didokete tsa boshodu ba mehlape di ne di fetiswa ho ya tlase bafuputsing ba bangata ba SAPS, bao hangata ba neng ba hana ho fuputsa kapa ba potlakela ho kwala dinyewe. Mapolesa a neng a sebetsana le dinyewe tsena hape hangata a ne a tranferwa ho ya nqeng tse ding. Molemirui e mong o bolelletse ba ENACT hore ho se nke mohato ha mapolesa ho ile ha kgelosa balemirui ba lebatowa, moo ba bangata ba bona ba bonang ho se na molemo wa ho tlaleha boshodu ba mehlape. Ka hoo, dipalopalo tsa boshodu ba mehlape ha di bontshe ka ho nepahala palo ya sebele ya diketsahalo. Hape ha di buwe le ka palo ya mehlape e utswitsweng ka nako ya diketsahalo tsena.
Ka mora ho bolawa ha Horner, Letona la Mapolesa a Afrika Borwa Bheki Cele le ile la hloma sehlopha sa tshebetso sa balemirui le mapolesa ho fuputsa le ho ela hloko ditharollo tse tla sebetsa tsa boshodu ba mehlape Freistata botjhabela. Empa molemirui o bolelletse ba ENACT hore ho ba teng ha mapolesa ho ile ha ya ho ntse ho theoha ka mora kopano e nngwe le e nngwe.
Ka 2021, mapolesa a Ladybrand a ile a tshwarwa ka ho belaelwa hore a ameha boshodung ba mehlape. Le ha a ile a tebelwa, ona ho sa lebelletswe hore a qoswe. Ka Pherekgong 2023, molaodi ya tshwereng mokobobo wa seteishene sa mapolesa sa Paul Roux o ile a tshwarwa ka mora ho ba ho fumanwe makgomo a utswitsweng ha hae. E ne e le e mong wa banna ba boletsweng tlalehong e rometsweng ho di-Hawks ka 2019.
Ntle le bao ba tshwerweng, balemirui ba re ha ho letho le etsahetseng ho tswa boitlamong ba Cele ba ho fuputsa menyenyetsi ya ho ameha ha mapolesa dihlopheng tsa boshodu ba mehlape lebatoweng. Bona ba bona hona e le bopaki bo bong ba bobodu bo tebileng le ho hloka boikarabelo. Le ha di-Hawks di dumetse hore di fumane tlaleho ya 2019 e rometsweng ke balemirui, le tsona di ntse di lebelletswe ho nka mohato.
Balemirui ba Afrika Borwa – ba kgwebo, ba ntseng ba thuthuha, ba boiphediso le ba kopanetseng temothuo – ha ba sireletseha haholo diphepetsong tse ngata tse sitisang naha ho sebetsa hantle, ho kenyelletswa le ho fetoha ha tlelaemete, bonokwane le ho hloleha ho sebetsa ha meralo ya motheo. Ho senyeha ha mebila, ditjeho tse phahamang tsa diesel le ho tingwa ha motlakase ho ntseng ho tswela pele ho sitisana le mesebetsi ya temothuo. Diphepetso tsena, mmoho le ditlhaselo tsa mapolasing le boshodu ba mehlape, ho ba le tshoso tswelopeleng ya temothuo jwalo ka mokgwa wa boiphediso. Hona ho mpefala le ho feta meeding ya mabatoweng moo tshireletso le bonokwane di nkang sebopeho se sebetsang le ho tshela meedi.
Empa ho fapana le ho utsuwa ha makgomo ka mokgwa o soro mane Afrika Botjhabela, boshodu ba mehlape hangata ha bo tshwarwe jwalo ka bonokwane bo boholo mona Afrika e ka Borwa. Hona ho etsahala le ha hoo ho bonahala haholo lebatoweng mmoho le ditlamorao tsa hona tse kotsi. Bonokwane bo susumetswang ke ditjhelete, bo jwalo ka boshodu bo hlophisitsweng ba mehlape le bobodu, bo ka bonwa e le bo se nang mahlatsipa ha ho se na tshebediso ya dikgoka, mme bo bontsha feela lehlakore la bona le tshabehang moo ho bang le maphelo a lahlehang. Le ha ho le jwalo, diphetho di namme mme di kenyelletsa ditahlehelo tsa moruo, ho ba sehloho diphoofolong le ho se sireletsehe ha batho. Balemirui ba iphedisang le ba kopanetseng temothuo ba kotsing ya ho lahlehelwa ke boiphediso bohle ba bona. Boshodu ba mehlape hape bo ka ama bokgoni ba ho fihlela dijo tse lekaneng mmoho le menyetla ya mesebetsi mapolasing.
Tlhaselo ya dinokowane le mokgwa o bonahalang wa mapolesa wa ho se batle ho nka mohato ho bakile hore baahi ba mapolasing ba kenye tshebetsong mekgwa ya bona ya tshireletso. Hona ho kenyelletsa ho sireletsa dibaka tsa ho kena le ho kenya difense, ho beha dikhamera mebileng ya dibakeng tsa mahaeng, ho tshwaya diphoofolo melaleng, di-drone tse fofang le ho ba le dipaterole ha ho qala ho fifala. Ba bang ba qetelletse ba rekisitse mehlape ya bona.
Ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa ba na le Leano la Polokeho la Dibakeng tsa Mahaeng. Bo bong ba maikemisetso a bona ke ho sebedisa mekgwa ya thibelo ya bonokwane ka ho shebana le boshodu ba mehlape bo hlophisitsweng mmoho le bonokwane bo fetelang le ka nqane ho meedi. Ntho e nngwe ya bohlokwa e kenyelletsa ho eketsa diyuniti tsa twantsho ya boshodu ba mehlape dibakeng tseo hoo ho etsahalang ka bongata. Le ha ho le jwalo bobodu bo bolelwa hanyenyane feela mme bo bonahala hape feela ka sephetho se sebe se bang teng dikamanong tse pakeng tsa baahi ba mahaeng le mapolesa. Leano hape le letle ha feela le ka kengwa tshebetsong, mme diphuputso mane Lesotho di lemohile ho se kgone ho sebetsa hantle ha maano ha bobodu e le hona ho thusang boshodung ba mehlape.
Le ha mapolesa a mangata a tshepahalang hape a ikemiseditseng ho etsa ka hohle ho matleng a ona ho thusa mahlatsipa a boshodu ba mehlape, hangata mesebetsi ya bona e tshirwa ke basebetsi-mmoho le bona ba sebedisang maemo a bona ka tsela e sa lokang. Na boetapele ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa bo tla nka mehato mabapi le dikopo tsa balemirui tsa ho ba sireletsa kgahlanong le dihlopha tsa dinokwane le ho bao ba leng ka hara mmuso ka boona? Ha di-Hawks di ka fuputsa le ho qosa ditho tsa SAPS tse amehang boshodung ba mehlape, hoo e tla ba yona tsela ya ho bontsha maikemisetso a bona a ho thibela boshodu ba mehlape le bobodu.
ENACT, ISS Pretoria